BOPAKI BA TUMELLANO
E ENTSWENG LE HO BA PAKENG TSA
MMUSO WA RIPHABOLIKI YA AFRIKA BORWA LE LEFAPHA LA ONA
LA POLOKEHO LE PABALLEHO: TSHEBELETSO YA SEPOLESA SA
AFRIKA BORWA
eo tokomaneng ena e tla bitswa SAPS
e emetsweng ke ...
boemong ba hae e le ...
ka lehlakoreng le leng le
Nomoro ya boitsebiso ...
eo tokomaneng ena a tla bitswa MODUMELLANI , ka ho le leng
Bao ka kopanelo ba tla bitswa MAHLAKORE tokomaneng ena
HA HO LE JWALO, MAHLAKORE A DUMELLANA TJENA:
Mona SAPS e etsa selekane le MODUMELLANI ho ya ka dipallo le dipehelo tse ngotsweng TUMELLANONG ena, mme mona MODUMELLANI o dumela ho sebelletsa le ho etsa hore tshebetso ya hae e fumanehe ho SAPS
... eo mona e tla bitswa SEBAKA SA
TSHEBETSO ka boyena ho ya ka dipallo le dipehelo tse ngotsweng
TUMELLANONG ena. Ka kutlwisiso ya hore MODUMELLANI a ka laelwa ke SAPS
hore a sebeletse SAPS ka boyena nakwana setsheng se seng se nang le meaho sa SAPS
se hole le SEBAKA SA TSHEBETSO.
MODUMELLANI ka boyena o tla sebeletsa SAPS boemong ba hae e le moetsa-selekane ya ikemetseng, le ka ho ikgetha boemong ba hae e le ...
MODUMELLANI, ka baka la tumellano ena, a ke ke a labella ka molao ho ntjhafatswa ha TUMELLANO ena, kapa ho kenngwa mosebetsing boemong bofe kapa bofe e le mosebeletsi wa SAPS.
MAHLAKORE a dumellana ka ho ikgetha hore ha ho kenwe selekaneng le MODUMELLANI boemong ba hae e le mosebeletsi ho ya ka TUMELLANO ena, mme ha ho kamano ya bosebeletsi e teng pakeng tsa MODUMELLANI le SAPS ka baka la TUMELLANO ena.
MESEBETSI E TLAMANG MODUMELLANI
Ntle le tse fuperweng ke temana ya 1.1 e fetileng le ho ya ka tse fuprweng ke ditemana tsa 5 le 9 tse tlang MODUMELLANI o tla sebelletsa SAPS ka nako le ho ya ka dipehelo tse behilweng ke SAPS bakeng sa nako e lekantsweng ya ... , ho tloha letsatsing leo TUMELLANO ena e qalang ka lona. (bona Temana ya 12.1 e tlang).
Mesebetsi e tlamang MODUMELLANI e tla kenyelletsa ho etsa mosebetsiofe kapa ofe wa matsoho oo e leng karolo, mme ho utlwisiswa hore o amana le mesebetsi e tlamang MODUMELLANI.
HO FUMANEHA LE HO SEBELLETSA
MODUMELLANI o tla fumaneha le ho sebelletsa SAPS (bona Temana tsa 3.1 ? 3.2 tse fetileng) matsatsi a mahlano ka beke. Ka kutlwisiso ya hore MODUMELLANI a ke ke a fumaneha le ho sebelletsa SAPS ka boMoqebelo le Sonataha kapa ka matsatsi a phomolo ya setjhaba.
DIHORA TSA TSHEBETSO
MODUMELLANI o tla fumaneha le ho sebetsa ho ya ka lenane-tlhophiso le hlomathisitsweng mona e le sehlomathiso sa A.
MODUMELLANI a ke ke a ba le tokelo ya phomolo kapa matsatsi a ho ba siyo mosebetsing a lefshwang ho ya ka TUMELLANO ena.
LIFI
MODUMELLANI a ke ke a ba le tokelo ya mofuta ofe kapa ofe wa lefi ho ya ka TUMELLANO ena.
SAPS e tla jara boikarabelo ba ho tsamaisa MODUMELLANI ka sepalangwang ho ya le ho kgutla SEBAKENG SA TSHEBETSO e le hore a phethe mosebetsi wa hae (bona Temana tsa 3.1 ? 3.2 tse fetileng) ho ya ka TUMELLANO ena.
INSHORENSE YA HO KULA, YA PENSHENE KAPA YA HO HLOKA MOSEBETSI
MODUMELLANI a ke ke a ba le tokelo ya monyetla ofe kapa ofe ho ya ka inshorense efe kapa efe ya ho kula, ya penshene kapa ya ho hloka mosebetsi.
HO SEBETSA KA BOTSHEPEHI
MODUMELLANI o tla fumaneha le ho sebelletsa SAPS, mme o tla etsa mosebetsi o mo tlamang ho ya ka TUMELLANO ena ka botshepehi, ka makgethe, ka nako le nako le ka bokgoni bohle ba hae.
TEFO
SAPS e tla lefela MODUMELLANI ho fumaneha le ho e sebelletsa tefo ya selekane ho ya ka tekanyetso ya ... (R ... - ... ) diranta ka hora (ho kenyelletswa le lekgetho la thekiso): Ka kutlwisiso ya hore nako le nako, ho ya ka boinahanelo ba yona SAPS e ka eketsa tefo ya selekane ha e isa tekanyetsong e hodingwana ka hora.
Tefo e jwalo e lefshwa kgwedi le kgwedi ka mora ho sebetsa, mme e lefshwa ka tjhelete ya Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Tefo e boletsweng ya selekane (bona Temana ya 10.1 e fetileng) e emela tefo yohle le ditlhoko tsohle tsa MODUMELLANI: ka kutlwisiso ya hore dikgulelo tsohle tse hlokahalang ho ya ka Molao ofe kapa ofe di tla hulwa tefong ya MODUMELLANI.
BOITLAMO BA HO SE BEHE MOLATO
Mona MODUMELLANI o itlama ho se behe SAPS molato mabapi le tshenyehelo kapa tahlehelo efe kapa efe e ka bakwang ke ho tswa kotsi, ho shwa, ho lahlehelwa kappa ho senyehelwa ke thepa ho bakilweng kapa ho sa bakwang ke SAPS kappa motho wa boraro le ha ho bakilwe kapa e le mabapi le bohlaswa bofe kapa bofe bo bileng teng ka taelo kappa ka baka la setho sa SAPS; mme hape o itlama ho se behe SAPS molato mabapiu le tahlehelo, tshenyehelo, tshebediso ya tjhelete kappa ditjeho tse amanng le kapa tse hlahisitsweng ke ho ba lekgotleng la dinyewe leo MODUMELLANI a ka iphumanang a le ho lona le boemo boo qoso efe kapa efe, tseko kapa nyewe e ka qhomang ho bona.
MATLA A TUMELLANO
TUMELLANO ena e tla qala ho sebetsa mme e tla ba le matla le hona ho tlama ho tloha letsatsing leo TUMELLANO ena e saennweng ka lona. Ka kutlwisiso ya hore ha ho ka etsahala hore TUMELLANO e se saenelwe ke MAHLAKORE ka bobedi ka nako e le nngwe, letsatsi leo lehlakore la ho qetela le saenneng ka lona le tla nkuwa e le lona leo tumellano e bang le matla ka lona.
NAKO
TUMELLANO ena, ho itshetlehilwe ka Temana ya 13.2 le tsa 14.2 ? 14.3 tse tlang e tla tswela pele nako e lekantsweng (bona Temana ya 3.1 e fetileng) ho tloha mohla TUMELLANO ena e bang le matla (bona Temana ya 12.1 e fetileng).
TUMELLANO ena e ka ntjhafatswa nako eo bolelele ba yona bo behilweng ho ya ka boinahanelo ba SAPS e fumane tumello e ngotsweng ya MODUMELLANI: Ka kutlwisiso ya hore SAPS e tla fana ka tlhokomediso e ngotsweng ya ho ntjhafatsa TUMELLANO, e nang le diphetoho tse hlokahalang pele ho MODUMELLANI jwalo ka ha ho boletswe Temaneng ya 13.2 e fetileng, pele TUMELLANO e fela (bona Temana ya 3.1 e fetileng).
Dikahare tsa TUMELLANO ena e tla nne e be dikahare tsa tumellano e tla beng e ntjhafaditswe ho ya ka Temana ya 13.2 e fetileng.
HO FEDISWA HA TUMELLANO
TUMELLANO ena e ka fediswa tjena:
Ho ya ka Temana ya 13.2 e fetileng le Ditemana tsa 14.2 ? 14.3 tse tlang TUMELLANO ena e tla iphella ka boyona ha nako e behilweng e fela (bona Temana ya 3.1 e fetileng).
Ke le leng la mahlakore TUMELLANONG ena ka nako efe kapa efe ka tlhokomediso e latelang e ngolletsweng lehlakore le leng ka maikemisetso a ho fedisa TUMELLANO ena:
Ha TUMELLANO ena e ka fela nakong ya dibeke tsa khalendara tse pedi (bona Temana ya 3.1 e fetileng) ho tloha mohla TUMELLANO e qalang (bona Temana ya 12 e fetileng) ho tla hlokahala tlhokomediso ya letsatsi le le leng .
Ha TUMELLANO ena e ka fela ka mora dibeke tsa khalendara tse pedi (bona Temana ya 3.1 e fetileng) ho tloha ho qaleng ha TUMELLANO ena (bona Temana ya 12 e fetileng), empa pele ho feta kgwedi e le nngwe ho tloha ho qaleng ha TUMELLANO ena (bona Temana ya 12 e fetileng) ho tla hlokahala nako ya tlhokomediso ya dibeke tsa khalendara tse pedi .
Ha TUMELLANO ena e ka fela ka mora kgwedi ya khalendara e le nngwe ho tloha ho qaleng ha TUMELLANO ena (bona Temana ya 12 e fetileng) ho tla hlokahala nako ya tlhokomediso ya kgwedi ya khalendara e le nngwe .
Ka kutlwisiso ya hore SAPS, tlasa maemo a ikgethang, e ka amohela nako ya tlhokomediso e kgutshwanyane ho e badilweng.
Lehlakore ka leng TUMELLANONG ena le ka fedisa TUMELLANO ena hang ntle le therisano ha lehlakore le leng le tlola pehelo ya TUMELLANO ena. Ka kutlwisiso ya hore lehlakore le boletsweng pele le tla fa le leng tlhokomediso ya tlolo e ngotsweng, mme ha tlolo eo e sa lokiswe matsatsing a mahlano ho tloha mohla le fumanang tlhokomediso.
Kutlwisiso ya ditemana tsa TUMELLANO ena e tla laolwa ke molao o sebediswang Riphaboliking ya Afrika Borwa.
Dihlooho tsa ditemana tsa TUMELLANO ena di etseditswe ho tshwaya feela, mme ka hoo dihlooho ha se karolo ya kappa ha di ame popo kappa kutlwisiso ya ditemana tseo ka tsela efe kappa efe.
Ntle le moo kganyetso e bonahalang kappa ntle le ha ho se tumellano le maemo a ditaba, bonngwe bo tla kenyelletsa le bongata, mme botana bo tla kenyelletsa le botshehadi, ho tla ba jwalo le ha ho fetolwa.
TUMELLANO KA BOTLALO
TUMELLANO ena e akaretsa tumellano ka botlalo pakeng tsa MAHLAKORE ohle mme e okamela ditumellano tseo ebang di bile teng pejana pakeng tsa MAHLAKORE mabapi le ditaba tse ka hara yona.
MAHLAKORE a dumellana hore ha ho ho fetolwa, ho eketswa, ho phumolwa kappa ho qaptjwa botjha ha tumellano ena yohle kapa lentswe kappa sebopeho ho tla ba le matla ntle le ho ngolwa fatshe le ho saenelwa ke MAHLAKORE ka bobedi kapa baemedi ba ona ba nang le tokelo.
Ha ho kameho kapa boitlamo bofe kapa bofe bo tla etswa ke lehlakore le leng bo tla ama ditokelo tsa lehlakore leo tlasa TUMELLANO ena, mme lehlakore leo le ke ke la amohuwa ditokelo tsa lona lehlakoreng le leng ka baka la ho kena kamehong e jwalo nakong e fetileng kappa e tlang.
MATLA A MOLAO
MAHLAKORE a dumellana ho sebelletswa ke Karolo ya Profensi ya Transvaal ya Lekgotla le leholo la Dinyewe la Afrika Borwa ( kapa karolo ya mofuta o jwalo eo ka nako e tlang e ka nkang boikarabelo ba moo Karolo ya Profensi ya Transvaal e nang le matla tlasa karolo ya setereka sa maseterata wa Pretoria, Afrika borwa) bakeng sa nyewe kapa tseko e ka hlahang ka baka la TUMELLANO ena.
SEBAKA SA BODULO LE HO FUMANWA
MAHLAKORE a kgetha ???????????? bakeng sa ho fana ka tlhokomediso efe kapa efe, tefo ya tjhelete ya bongata bofe kapa bofe, ho ikisa kapa ho romela mangolo le melaetsa efe kapa efe le bakeng sa eng kapa eng e amanang le TUMELLANO ena ka mokgwa ona:
SAPS MODUMELLANI
Ka kutlwisiso ya hore aterese e ngotsweng ka hodimo e ka fetolwa ka tlhokomediso e ngolletsweng lehlakore le leng, mme e tla ba le matla matsatsi a leshome a tshebetso ka mora ho fana ka tlhokomediso: Ka kutlwisiso hape ya hore aterese e ntjha eo lehlakore le e kgethileng e tla ba kapa e tla kenyelletsa aterese ya bodulo eo ho ka ikiswang, ha romelwa mangolo kapa melaetsa.
Tlhokomediso efe kapa efe e etswang mabapi le TUMELLANO ena e ka iswa ka letsoho kapa ya romelwa ka poso e ngodisitsweng le ho lefellwa: Ka kutlwisiso ya hore tlhokomediso efe kappa efe mohato ofe kappa ofe o romelletsweng ke lehlakore lefe kapa lefe mabapi le taba efe kapa efe e tswetsweng ke TUMELLANO ena e tla nkwa e rometswe ha e nehilwe motho ofe kapa ofe ya nang le boikarabelo sebakeng sa bodulo le ho fumanwa se kgethilweng ke lehlakore lefe kapa lefe, mme ho ke ke ha hlokahala hore lengolo leo kapa tlhokomediso eo e fuwe lehlakore lefe kapa lefe matsohong.
Tlhokomediso eo ho fanweng ka yona ho ya ka moo ho hlalositsweng ka hodimo e tla nkwa e rometswe ?
mohla letsatsi leo e isitsweng ebang e rometswe ka letsoho letsatsing la bosupa ho tloha mohla e positsweng, ho kenyelletswa le letsatsi leo e positsweng ka lona, ebang e positswe ka lengolo le ngodisitsweng ebile le lefelletswe, mohla feks e rometsweng ebang e rometswe ka feks.
MOHATO WA TSEKO
Mohato ofe kapa ofe wa tseko kgahlanong le SAPS o lokela ho etswa ho ya ka karolo e nepahetseng, mme e lokelang ya Molao wa Afrika Borwa wa Sepolesa wa 1995 (Molao wa 68 wa 1995) kapa melao e o hlahlamang.
E ENTSWE LE HO SAENELWA KE MAHLAKORE A TUMELLANO ena dibakeng le matsatsing a ngotsweng pela mabitso a bona ka tatelano.
E SAENNWE lebitsong la SAPS ... mohla letsatsi la ... la ... 20 ...
DIPAKI:
SAPS
Nna, ... (eo mona a tla bitswa MOHLALOSETSI) ke tiisa tse latelang:
Hore, dikahare tsa TUMELLANO ena di hlaloseditswe MODUMELLANI.
Hore, MODUMELLANI o dumela hore e utlwisisa dikahare tsa TUMELLANO ena.
Hore MODUMELLANI o saenne TUMELLANO ena ke le teng, a e saenela ... mohla letsatsi la ... la ... 20 ...
MOHlALOSETSI
Nna, MODUMELLANI, ke tiisa mona tse latelang:
Hore ke toloketswe le ho hlalosetswa dikahare tsa tumellano ena ke MOHLALOSETSI.
Hore ke dumela hore ke utlwisisa dikahare tsa tumellano ena.
E SAENNWE ke MODUMELLANI ...
Mohla letsatsi la ... la ... 20 ...
DIPAKI
MODUMELLANI
